Aneva [Bonus Track]

Thabiso Sothoane

Intro
Aneva *2
Verse 1
Ekare ba eme bobeng, (ba eme bobeng) ha ke na mohau ke'a ba senola, ba hatile ka lesele khetlong lena ke ba chehetse maraba nthoe nts'u maketola Ntja tsa'eso li seele, tsa'eso li seele ha li hobule fela ke libata li ka o hlephola Heaso licheeele, tsotsi ha e thibane litsebe kere re'a e phekola Ha o sa utloe ka litsebe o tla utloa ka letlalo, na ke phutla fela ke khalema lenyatso Masafilione tiine ha le na likano ntse le sollaka hohle mona ha le na le tjako Ha ba pota ba re ba ka nkhamisa lipalo, bashana bana ba re ba ka njarisa moroalo, entse ele Ts'epe le kasheno ke sac ho, ha le ntsebe le'a nts'oants'a nka nesa sefako.
Chorus 1
Bare bare ba'e nyofa, bare ba ka e senya ba ka e qova, ANEVA Bare ba'e frostana ba ka e kopanya ba re ba ka e chofa, ANEVA Bare ba nkhamisa lipalo, bashana bana bare ba ntjarisa moroalo, ANEVA Nkekebe ka ts'osoa ke bashanyana, ANEVA.
Verse 2
Ha'e ke e nye bolokoe kaofela, le Dicada oa tseba hore mona ke ha bo litlabolane kere ha li na ho fela Nthona re'a e phela, nthoena re'a e phela, Ha ke cheche ke sututsa ke kena, ke ruthuthaka fela, ke'a sumutha ke'a ts'oela ha ke beche ke phuphuraka fela 'Na le tla ntseba na le tla nfrostana. Nthoena e fella ho nna mona le kopane le Separola-thota mona Ke khalema fela ha ke na leonya, kere eta ho lla sa ka khotla mona Haesa bakhohlope bo mabona ke baloi, Ha li hloke kutloelo bohloko tsena, ke manong Ha ba lihelloe tora ha ba hlajoe ke lihlong, Ha ba felloe ke mokoka ba qalisoe qalong.
Chorus 2
Verse 3
Hore ke thole kere tuu! (kere tuu?) hore ke tlohelle manothi a khakhathe mots'ehare le bosiu (le bosiu Ekare ha re'a makoa, Mictacula lokolla o tilinye meropa le likupu, ho khotse le limumu, nthoena ke'a rona, nthoena ke'a rona kere ha se lekunutu Batho ba na ba se jeoe ke bolutu *2
Chorus 4

Trivia about the song Aneva [Bonus Track] by Kommanda Obbs

Who composed the song “Aneva [Bonus Track]” by Kommanda Obbs?
The song “Aneva [Bonus Track]” by Kommanda Obbs was composed by Thabiso Sothoane.

Most popular songs of Kommanda Obbs

Other artists of