Khomo

Philip Lionel Buyi Luru

Intro
Khomo ee, khomo ee! Khomo e ntle sekopoanya liboko *2
Verse 1
Khomo sekopanya liboko se hangoa ke banna le basali Khomo ke banka ea Mosotho lefa la bara le barali Ho beha letho ho hlahisa kgomo ha fela thato re phetha ea hae Balimo ba sa na le rona mme ba tla re thusa Khotso e hlahe Re pepiloe ka thari ea Tsheepe re bana ba tau Batahali tsa Mamokhachane Lepoqo re bana ba hau Basotho ba batle limomotela tsa Mamohato Lekena Rona re li thatohatsi re ratoa ke bafo le marena Thesele oa Letlama o tlamme meloko le-tila-tiile O tlamme ka thari ea Tsheepe a fina lefioto la ho ea ho ile A fina bo thata boshoa-bots'oere boshoa bo tiile Kasheno le entse ngatana nngoe ma-palama-pere re atile Ma-ana-khotso ma-ana-pula ma-ana-nala Chabana sa ho khelloa ting le qeta ho tlhotloa ma-ja-papa Basotho ba batle re khethetsoe khubung joale re'a nona Mali a ba hale re qaphile bokoankoetla re'a ikonka
Chorus 1
Khomo e ntle sekopanya liboko khomo ee Khomo e ntle sekopanya liboko *4
Verse 2
Khomo kopanya liboko o jare Basotho lira li bone Moshoeshoe o siile mekoallo a re ho koalloe khomo li none Re hama tsoetse e tsoele le hohobang tlala re'a e kalla Mokhosi o moholo mo e habiloeng o tla bona ka ho ea banna Rona re tla be re fihle mo re eang le re ha re ka ra salla Mali a Thesele ke lefa le mme le kasheno a ntse a re khanna Li jeoa ka ngoana a le mong khomo li kopanya malapa Ntate Famole o itse li khutle tse ileng ka mahahapa Khomo ke tsena li tsoetse ntja tse masapo a thata Li tsoetse maila ho ngoatheloa rona litsietsing re'a phallelana Khomo se lla Morena khomo ea senona le tlhako Lipelo ha se ka ho ts'oana bana ba Mohato ba metse methapo
He kaofela Bakoena, Bafokeng, Bataung le Batlokoa Kaofela liboko kaofela
Bahlakoana, Bats'oeneng, Matebele le Basia He Kaofela liboko kaofela.
Chorus 2

Trivia about the song Khomo by Kommanda Obbs

Who composed the song “Khomo” by Kommanda Obbs?
The song “Khomo” by Kommanda Obbs was composed by Philip Lionel Buyi Luru.

Most popular songs of Kommanda Obbs

Other artists of