Taemane

Lofuno Muthala

Intro
Ke e thotse, taemane, e fetang, tsohle ka ho benya, ke thotse lerato, ke thotse lehakoe la pelo eaka.
Verse 1
Ke ne ke sa lumele hore nka rata motho, ka tsela eo ke'u ratang ka eona ngoana' Mosotho O kene pelong ea kheleke, pelo li peli rato le leng ngoanaka ntshepe ke o tshepe Ha ken a ba ka o tshepisa maholimo le mafst'se Empa ke tla ema le uena nakong tse thata le tse monate O nratile ho le boima lefats'e le nforalletse, palo li hana ho kopana liba li pshele ho sena metsi O nratile litsietsi li nkapere ke khenathetse, mme kasheno ke raha morits'oana motsoali ke tlisa ngoetsi Kere ha ke sa tla o ts'oenya, ke e fumane taemane e fetang tsohle ka ho benya, le na mathata nka a fenya Lerato le sebete matla a lona ha a hloloe, le balehisa letsoalo merero e mebe le e fetole Ha e eo mpho e fetang lerato ka boholo hara limpho tsena tsohle tseo mopi a li nehileng motho
Chorus 1
Verse 2
O kene pelong eaka ka ba ka tela lerato, ka hla ka o fa lona hobane le uena o nehile lerato Le tuka sefubeng sa ka nako le nako, le ntebatsa tsohle tse ntlhokisang khotso le thatbo Mo lerato le leng teng tsela e teng, ha ke ithoke ho ithoka lerato le mpholositseng Lekunutu la rona ke ho tshepana, le ha o kaba hole empa pelo eaka eona ha e na ba o lebala Hoba lerato la rona ha le thekesele le matla, le tiile oalo ka Ts'epe le ka se choatlehe le thata Ha fela lerato le le teng ke hlola mathata, pelo eaka eeona e rakalla sa nong le ts'oere Sebata Lerato le sebete matla a loa ha a hloloe, le balehisa letsoalo merero e mebe le e fetole Ha e eo mpho e fetang lerato ka boholo hara limpho tsena tsohle tseo mopi a li nehileng motho
Chorus 2
Outro
Ke e thotse, taemane, e fetang, tsohle ka ho benya, ke thotse lerato, ke thotse lehakoe la pelo eaka. *2

Trivia about the song Taemane by Kommanda Obbs

Who composed the song “Taemane” by Kommanda Obbs?
The song “Taemane” by Kommanda Obbs was composed by Lofuno Muthala.

Most popular songs of Kommanda Obbs

Other artists of