Ts'epe

Masupha Molapo

(Intro)
Ts'epe! Sethuamajoeeeee! Banna ee... banna ee... Ts'epe Ha e lla Sekolo se ea kena! Kommanda Obbs Ts'epe! Ts'epe! Ts'epe! Ke ha mamorao Ts'epe Sethuamajoe Kete peli leshome, Ts'epe Sethuamajoe! Sethuamajoe...
Chuo! Chuo! Chuo!
Chorus 1
Ts'epe ha e betliloe e chesitsoe e hohliloe e bopiloe e pentiloe e qetiloe e etsa kanono
Rona re pepiloe ka thari ea tsheepe, re tsoetsoe likheleke, re tshepile tshepeli ea ntshepe
Na ke Ts'eeeepe Sethuamajoe na ke Ts'epe Ts'epe, Ts'epe Sethuamajoe *2
Verse 1
Ha ke chechelle morao ha ke habile semega Ke masha fela ntja li sale li iqeka Shebang! le sa tlo ntsoela ne le khantshe semate mokotlana o khoehla Bashana ba' eso ke likheleke kaofela ba bata ka Ts'epe ke bo raqhoe mpela Monongoaha chelete re'a iketsetsa re khathetse ke ho na ntse re qela Ke mphethe ke'u feta setsokotsane thola lerata o fooke feela Ba'e ba re ke mae a tla fela empa khetlong lena kere ke ena Ke mocha lilemong balakaletsi ba re ke ho makoko ke hana ho tela Ke hana baloi ba na ba re ba' nts'ella na ke ho ikhants'ang ke hana ho feptjoa E felile nako ea lisoasoi kasheno meropa e lla matlere Mapalama-pere e se na sale a teng ntja tla be li tele Ha ke fokotse ke bua fela ke litaba li ngata ke le hlatsoa litsebe Ke itsamisa ka mo ke nehiloeng ha ke sa thibeha Ke nyela bolekoe kaofela Kere ha le hloke ho joetsoa se ntse le tseba hore pitsa ho fahuoa e se ntse e bela E tsholoa ifo ea Malikotoana ena pitsa ha se joale e bela Le tla lula le ja masutsa ha fela Kommandara e ntse e phela kere le tla lula le ja litlabolane ha fela Sethuamajoe ntse se phela.
Chorus 2
Verse 2
Ba re o tiise ketane ha o tsokotsa sephali o se na o ntso hloa ka khoro tsa basali Ke ea D2AMAJOE nthoena mokhoaka ke binela Linare Ke binela Li-mokolara ke binela banna ba lihoai Ke binela makaka-manyatheli kecho bona banna ba batsamai Ke li tshetse liphula ke a hloele maralla Ka loanela hlooho tlala ka e kalla Tsatsing lena ke tiile pelo ke ts'oana le Ntate-Mats'a Ke thata tsebeng tsa ba nkutloang le mahlong a ba mponang Ebile ha ke iketse ke etsoa ke maemo ao ke holiselitsoeng ka hara ona Mpitse Sethuamajoe se mano o tshabehang kheleke e senang thaka Ha ke loane le batho ba Ntate ha ke tseke lefats'e ele la ka Le teng ha o e phephetsa o tla e phaka kere hlooho ha esa tshela Ke tla e tlatsa Ha ke tsoafe ho o jarisa letolo na ke potapotiloe ke lingaka Ha le hloke ho joetsoa se ntse le tseba hore pitsa ho fahuoa e se ntse e bela E tsholoa ifo ea Malikotoana ena pitsa ha se joale e bela Le tla lula le ja masutsa ha fela Li Molokosh ntse li phela kere le tla lula le ja litlabolane ha fela D2AMAJOE ntse se phela.
Chorus 3
Closing bridge
Hoang-hoang Hoang-hoang Hoang-hoang Hoang-Hoang-hoang *4

Trivia about the song Ts'epe by Kommanda Obbs

Who composed the song “Ts'epe” by Kommanda Obbs?
The song “Ts'epe” by Kommanda Obbs was composed by Masupha Molapo.

Most popular songs of Kommanda Obbs

Other artists of