Ikelellweng

Ikelellweng bana ba Jesu Kriste
Le inameng pela Eukariste
Ke 'mele madi le moea oa hae
Ha mmoho le bomolimo ba hae
Ha mmoho le bomolimo ba hae

Ee ka 'nete ke eena enoa Jesu
Le hoja a ipatetse batho
Sebopehong sa bohobe le veine
Ke mohlolo ke se ke lumetse
Ke mohlolo ke se ke lumetse

Matsatsi a khale a se a fetile
Ke ne ke le mafifing a matsho
Oho joale ke na le eena Jesu
Pelo e khotse 'me e thabile
Pelo e khotse 'me e thabile

Che ha ke sa re letho ka lefatshe
Ka menate e fetang ka pele
Thabo ea ka ha e sana ho fela
Ha ke phela ka Jesu Morena
Ha ke phela ka Jesu Morena

Trivia about the song Ikelellweng by Steve Kekana

When was the song “Ikelellweng” released by Steve Kekana?
The song Ikelellweng was released in 1995, on the album “Golden Hits”.

Most popular songs of Steve Kekana

Other artists of Soft rock