Morena O Ba Fe Bohlale

Morena o ba fe bohlale
Ba ho tsamaisa sechaba sena sa hao
O ba fe matla le mamello
Ba tshepahale sechaba ka hohle hohle

Modimo oa rona Ramasedi
Re khumame pela hao ho rapella bana ba hao
Tsela e thata le dikoti di ngata Morenaka

Qhoboshiane ea ka mehla
Dingongoreho le dillo tsa chaba sohle
Ba fe bokgoni ba ho tobana le tsona re a ho kopa (hey Morena)

Morena o ba fe bohlale
Ba ho tsamaisa sechaba sena sa hao (re a ho kopa hle)
O ba fe matla le mamello
Ba tshepahale sechaba ka hohle hohle

Lefika la rona la mengoaha
Tlo o be motheo pusong ena ea rona
Ho pheloe ka mohau o ratoang ke oena Morenaka

Ntate ea mosa le mohau
Maqakabetsing ohle ditsokotsaneng tse ngata
Ba sireletse hle tsiu tsohle tsa bona re sa ho kopa (hey Morena)

Morena o ba fe bohlale
Ba ho tsamaisa sechaba sena sa hao (rea ho kopa hle)
O ba fe matla le mamello
Ba tshepahale sechaba ka hohle hohle (hey Morena)

Morena o ba fe bohlale
Ba ho tsamaisa sechaba sena sa hao (rea ho kopa hle)
O ba fe matla le mamello
Ba tshepahale sechaba ka hohle hohle (hey Morena)

Morena o ba fe bohlale

Trivia about the song Morena O Ba Fe Bohlale by Steve Kekana

When was the song “Morena O Ba Fe Bohlale” released by Steve Kekana?
The song Morena O Ba Fe Bohlale was released in 1995, on the album “Golden Hits”.

Most popular songs of Steve Kekana

Other artists of Soft rock